Product Description
Via Afrika Sesotho Home Language Grade 8 Novel: Motswalle ya sa tshepahaleng
Format: Physical Hardcopy
Nthabiseng o ile a rekelwa selefounu e ntle haholo ke batswadi ba hae. O reketswe selefounu hore a kgone ho buwa le batswadi ba hae ha a na le mathata le ha a ba hopotse, hobane boholo ba nako ba ne ba dula ba le mesebetsing e ba tsamaisang hole le moradi wa bona. Nthabiseng o ne a ntse a pasa hantle haholo sekolong, empa ka mora hore a rekelwe selefounu o ile a theoha dithutong. O ile a lahla motswalle wa hae wa sebele.
A hapeha ha a fumana motswalle kgokahanong, mme bophelo ba hae ba qala ho fetoha. O ne a se a sa kgone ho qoba ho sebedisa selefounu ya hae kgokahanong. E ne e mo hohela kamehla. Qetellong ke ha Nthabiseng a fumana hore motswalle enwa wa hae ha se motswalle wa nnete, ya tshepahalang. A fumana hore motswalle enwa wa hae ke senokwane, se thetsang batho, ebile se sebedisang bana ho nka dintho tsa batswadi ba bona.
Ipalle o tle o utlwe hore Nthabiseng o ile a phonyoha jwang lerabeng la motswalle wa hae wa boqhekanyetsi.
Buka ena ya Padi, e fihlelletse ditlhoko tsohle tsa SLKT, mme e etsa tlatsetso ya bohlokwa ho dibuka tsa Via Afrika Puo ya Lapeng e leng Buka ya moithuti, Buka ya titjhere mmoho le Buka ya Padiso.
For custom orders and quotes: shop@schoolspace.co.za
© 2026 Schoolspace. This product description is the exclusive intellectual property of the publisher, protected under copyright law. Unauthorized use, adaption, or copying is strictly prohibited.